BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele tsa mehla le tsa dinako, banabeso, ha le tshwanele ho di ngollwa.

2. Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.

3. Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.

4. Empa haele lona, banabeso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le wela ka sehloho jwaloka leshodu.

5. Bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.

6. Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.

7. Hobane ba robalang, ba ye ba robale bosiu; le ba tahwang, ba ye ba tahwe bosiu.

8. Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.