BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 4:10-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Mme le fela le etsa jwalo ho baena bohle ba Masedonia yohle; re mpa re le kgothatsa, banabeso, hore le ke le hole leratong leo.

11. Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;

12. le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang ka nqeng ya ba kantle, mme le se ke la hloka letho.

13. Banabeso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ya ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.

14. Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.

15. Re fela re le bolella ka polelo ya Morena, hore, haele rona ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng.

16. Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.

17. Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.