BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 4:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.

2. Le tswe le tseba ditaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.

3. Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,

4. le hore e mong le e mong ho lona a tsebe ho bolokela pitsa ya hae kgalalelong le hlonephong,

5. e seng ditakatsong tse mpe, jwaloka bahetene ba sa tsebeng Modimo.

6. Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.

7. Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.

8. Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.

9. Haele lerato la boena, hase taba eo ke tshwanetseng ho le ngolla yona, kahobane le lona le rutwa ke Modimo ho ratana.

10. Mme le fela le etsa jwalo ho baena bohle ba Masedonia yohle; re mpa re le kgothatsa, banabeso, hore le ke le hole leratong leo.