BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 2:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa re bile mosa hara lona, jwaloka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato.

8. Ka mokgwa o jwalo, ka baka la ho le rata, re eleditse hore re tla le nea e seng Evangeli ya Modimo feela, empa le yona meya ya rona, kahobane le le baratuwa ba rona ruri.

9. Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.

10. Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.

11. Mme le a tseba hoba re kgothaditse, ra ba ra tshedisa e mong le e mong ho lona, jwaloka ntata motho ha a etsa bana ba hae.

12. Mme ra le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le biletsang mmusong wa wona le kganyeng ya wona.

13. Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.

14. Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;

15. e leng bona ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle.

16. Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.

17. Haele rona, banabeso, re kgaohane le lona ka motsotso o kang wa hora, ke ho se bonane feela, e seng ka pelo, mme ke moo re lekileng kannete ho tla le bona ka hlolohelo e fetisang.

18. Ka baka leo, re ratile ho tla ho lona, e le nna Pauluse; ke lekile hang, hape ka leka la bobedi; empa Satane o re thibetse.

19. Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?

20. Efela ke lona le leng kganya le thabo ya rona.