BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 2:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hobane le lona, banabeso, le a tseba ho kena ha rona ha heno hoba ha e a ka ya eba lefeela.

2. Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.

3. Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong.

4. Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.

5. Hape, ha re a ka ra ba le polelo e le qekang le ka mohla o le mong, le lona le a tseba, leha e le mano a patang takatso ya moruo; teng re pakwa ke Modimo.

6. Le hona ha re a ka ra batla poko ho batho, leha e le ho lona, leha e le ho ba bang; leha re ne re lokela ho ipea boholo, kahobane re baapostola ba Kreste.

7. Empa re bile mosa hara lona, jwaloka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato.

8. Ka mokgwa o jwalo, ka baka la ho le rata, re eleditse hore re tla le nea e seng Evangeli ya Modimo feela, empa le yona meya ya rona, kahobane le le baratuwa ba rona ruri.

9. Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.