1 Bathesalonika

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5

BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Tumediso.

1. Ke le Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntate, le ho Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!

Ho tswela pele ha Evangeli Thesalonika; botshepehi ba kereke ya teng.

2. Re leboha Modimo kamehla ka baka la lona bohle, re ntse re le hopotse merapelong ya rona.

3. Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;

4. re tswe re tseba, banabeso ba ratwang ke Modimo, ho kgethwa ha lona.

5. Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.

6. Le lona le fetohile baetsisi ba rona le ba Morena, ka ho amohela lentswe, hara matshwenyeho a maholo, ka thabo ya Moya o Halalelang;

7. la ba la fetoha ba etsetsang bohle ba dumetseng Masedonia le Akaea mehlala.

8. Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.

9. Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete,

10. le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.