BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 9:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa haele nna, ha ke a ka ka ithusa ka e nngwe ya tseo, mme leha ke ngola taba tseo, hase hore ho etswe jwalo bakeng sa ka; hobane haele hore motho a etse thoriso ya ka lefeela, nka ikgethela ho shwa.

16. Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!

17. Ekare ha ke etsa jwalo ka ho rata, ke na le moputso teng; mme leha ke etsa ke sa rate, tshebetso ya yona e sa ntse e beilwe hodima ka.

18. Hleka seo e leng moputso wa ka keng? Ke hobane, ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ya Kreste, ka mokgwa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le yona Evangeling.

19. Hobane leha ke le ya sa ruwang ke motho, ke ikentse mohlanka wa bohle, ke tle ke rue ba bangata.

20. Ho Bajuda, ke ikentse Mojuda, hore ke rue Bajuda; ho ba katlasa molao, ke ikentse ya leng katlasa molao, leha ke se katlasa molao, ke tle ke rue ba leng katlasa molao;

21. ho ba seng katlasa molao, ke ikentse ya seng katlasa molao, leha ke se ya se nang molao ka nqa ho Modimo, athe ke molaong wa Kreste, ke tle ke rue ba seng katlasa molao;

22. ho ba fokolang, ke ikentse ya fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.

23. Tsohle tseo ke di etsa ka baka la Evangeli, hore le nna ke tle ke be le kabelo teng.

24. Na ha le tsebe hobane, haele ka ba mathang lephallong ho matha bohle; empa ya nkang moputso o ba mong feela? Mathang ka mokgwa oo le tlang ho o nka ka wona.

25. Hape, e mong le e mong ya pheileng kgang ya ho betana, o itima tsohle; athe bona ba etsa hore ba fuwe moqhaka o bolang; empa rona re etsetsa ho fuwa o sa boleng.

26. Ka mokgwa oo, le nna ha ke matha, ha ke mathe jwaloka hoja ke tlatselela; leha ke lwana, ha ke lwane jwaloka hoja ke otlana le moya feela:

27. ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.