BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 9:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?

2. E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.

3. Ke bona boikarabelo ba ka ho ba nkahlolang.