BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 9:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?

2. E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.

3. Ke bona boikarabelo ba ka ho ba nkahlolang.

4. Hleka ha re na tokelo ya ho ja le ya ho nwa na?

5. Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

6. Kapa ke nna le Barnabase feela re se nang tokelo ya ho lesa ho sebetsa ka matsoho na?

7. Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?

8. Hleka taba tseo ke di bolela ka mokgwa wa batho na? Molao ha o rialo le wona na?

9. Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa thiba molomo wa kgomo, ha e pola. Hleka le re, Modimo ha o rialo, ke ho hlokomela dikgomo na?

10. Ha ke re, taba tseo o di boletse haholo ka baka la rona na? Efela ke ka baka la rona ho ngodilweng hore ya lemang o tshwanetse ho lema ka tshepo, le ya polang a pole a ntse a tshepile hobane le yena o tla ja.

11. Ha re le jaletse tsa moya, e ka ba ntho e kgolo jwang ha re kotula tsa lona tsa nama na?

12. Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.

13. Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ha ba jele aletareng na?

14. Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.