BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 8:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Dijo hase ntho eo re ka kgahlisang Modimo ka yona, hobane leha re eja, ha re ekeletswe letho pela wona; leha re sa je, ha re haellwe ke letho.

9. Le mpe le iponele esere mohlomong tokoloho ya lona e ka kgopisa ba fokolang.

10. Hobane ekare ha e mong a o bona, wena ya nang le tsebo, o dutse ho ja tempeleng ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la kgothatswa ke hona hore a tle a je tse hlabetsweng ditshwantsho na?

11. Mme jwale, ngwaneno eo ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ke tsebo ya hao!

12. Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.