BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 8:10-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Hobane ekare ha e mong a o bona, wena ya nang le tsebo, o dutse ho ja tempeleng ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la kgothatswa ke hona hore a tle a je tse hlabetsweng ditshwantsho na?

11. Mme jwale, ngwaneno eo ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ke tsebo ya hao!

12. Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.

13. Ha ho le jwalo, ekare ha sejo seo se ka kgopisa ngwaneso, nke ke ka hlola ke eja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.