BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 8:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.

2. Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.

3. Empa ekare ha motho a rata Modimo, ke yena ya tsejwang ke wona.

4. Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

5. Hobane leha ho le ba bitswang medimo mahodimong le lefatsheng — ho batho medimo e fela e le mengata, le marena a mangata —

6. leha ho le jwalo, ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, e leng oo tsohle di tswang ho wona, oo re leng ho wona; mme re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle di entsweng ka yena, le rona re leng ka yena.

7. Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.