BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 8:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele ka dintho tse hlabetsweng ditshwantsho, re a tseba hobane bohle re na le tsebo. Tsebo empa e na le boikgohomoso, athe lerato le a hahisa.

2. Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.

3. Empa ekare ha motho a rata Modimo, ke yena ya tsejwang ke wona.

4. Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.

5. Hobane leha ho le ba bitswang medimo mahodimong le lefatsheng — ho batho medimo e fela e le mengata, le marena a mangata —

6. leha ho le jwalo, ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, e leng oo tsohle di tswang ho wona, oo re leng ho wona; mme re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle di entsweng ka yena, le rona re leng ka yena.