BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 6:16-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ana ha le tsebe hobane ya ikopanyang le seotswa, o iketsa mmele o le mong le sona na? Hobane ho itswe: Ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.

17. Mme ya ikopanyang le Morena, o iketsa moya o le mong le yena.

18. Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.

19. Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,

20. hobane le lopolotswe ka theko. Tlotlisang Modimo ke hona mmeleng ya lona le meyeng ya lona, e leng ya Modimo.