BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 6:16-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ana ha le tsebe hobane ya ikopanyang le seotswa, o iketsa mmele o le mong le sona na? Hobane ho itswe: Ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.

17. Mme ya ikopanyang le Morena, o iketsa moya o le mong le yena.

18. Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.