BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 6:14-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.

15. Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? Na nka etsa ditho tsa Kreste ditho tsa seotswa? Tjhe, le ho leka!

16. Ana ha le tsebe hobane ya ikopanyang le seotswa, o iketsa mmele o le mong le sona na? Hobane ho itswe: Ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.

17. Mme ya ikopanyang le Morena, o iketsa moya o le mong le yena.

18. Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.

19. Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,

20. hobane le lopolotswe ka theko. Tlotlisang Modimo ke hona mmeleng ya lona le meyeng ya lona, e leng ya Modimo.