BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 6:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho ho lona, ha a ena le taba ya tseko le e mong, ha a tshabe keng ho ya ahlolelwa ke bakgopo, e seng ke bahalaledi?

2. Na ha le tsebe hoba bahalaledi ba tla ahlola lefatshe? Mme ha esita lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le lokele ho ahlola ditseko tse nyenyane na?

3. Ana ha le tsebe hoba re tla ahlola mangeloi na? Re fetisa hakakang ho ahlola ditaba tsa bophelo ba jwale!

4. Ha ho le jwalo, ha le ena le ditseko ho tsa bophelo bona, le bea jwang ba sa balweng letho kerekeng ho di ahlola?

5. Ke rialo ho le hlabisa dihlong. Na ke ho re, ha ho na ya bohlale hara lona, leha a le mong, ya ka tsebang ho ahlolela motho le ngwanabo na?

6. Empa ngwanabo motho o ya tsekong le ngwanabo, le hona e le pela ba sa dumelang!

7. Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa?

8. Empa jwale, ke lona ba etsang ba bang hampe, ba ba senyetsang, mme tseo le di etsa bana babo lona!