BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 6:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho ho lona, ha a ena le taba ya tseko le e mong, ha a tshabe keng ho ya ahlolelwa ke bakgopo, e seng ke bahalaledi?

2. Na ha le tsebe hoba bahalaledi ba tla ahlola lefatshe? Mme ha esita lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le lokele ho ahlola ditseko tse nyenyane na?

3. Ana ha le tsebe hoba re tla ahlola mangeloi na? Re fetisa hakakang ho ahlola ditaba tsa bophelo ba jwale!

4. Ha ho le jwalo, ha le ena le ditseko ho tsa bophelo bona, le bea jwang ba sa balweng letho kerekeng ho di ahlola?

5. Ke rialo ho le hlabisa dihlong. Na ke ho re, ha ho na ya bohlale hara lona, leha a le mong, ya ka tsebang ho ahlolela motho le ngwanabo na?

6. Empa ngwanabo motho o ya tsekong le ngwanabo, le hona e le pela ba sa dumelang!

7. Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa?

8. Empa jwale, ke lona ba etsang ba bang hampe, ba ba senyetsang, mme tseo le di etsa bana babo lona!

9. Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?

10. Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.

11. Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.

12. Ho nna tsohle di dumelehile, empa hase tsohle tse nang le molemo; ho nna tsohle di dumelehile, empa nke ke ka dumela ho buswa ke e nngwe ya tsona.

13. Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.

14. Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.