BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 5:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.

6. Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?

7. A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.

8. A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.

9. Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi;

10. e seng hore le ka kgaohana ruri le bafebi ba lefatshe lena, le ba lakatsang leruo, le mashodu, le ba rapelang ditshwantsho; hobane hoja ho jwalo, e be e ka kgona le tswe lefatsheng.

11. Empa jwale, ke le ngolla hore le se ke la kopana le ya ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ya lakatsang leruo, leha e le ya rapelang medimo, leha e le moetselletsi, kapa letahwa, kapa leshodu; ya jwalo, le ho ja, le se no ja le yena.

12. Hobane ke na le taba efe kahlolong ya ba kantle? Haele ba kahare, na ha le ba ahlole na?

13. Haele ba kantle, Modimo ke wona o tlang ho ba ahlola. Tlosang e mobe hara lona.