BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 5:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.

2. Leha ho le jwalo, le ikgohomositse, kanthe ha le a ka la lla ka ho re, ho tloswe hara lona ya entseng ketso eo!

3. Haele nna, leha ke le siyo ka mmele, ke mpa ke le teng ho lona ka moya, ke se ke ahlotse monna ya entseng taba e jwalo, jwaloka hoja ke le teng.

4. Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste,

5. ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.

6. Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?

7. A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.

8. A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.

9. Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi;

10. e seng hore le ka kgaohana ruri le bafebi ba lefatshe lena, le ba lakatsang leruo, le mashodu, le ba rapelang ditshwantsho; hobane hoja ho jwalo, e be e ka kgona le tswe lefatsheng.