BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 2:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.

9. Empa ho dutse jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Taba tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ya motho.

10. Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.

11. Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o leng ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang haese Moya wa Modimo.

12. Haele rona, ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, re tle re tsebe tseo re di filweng feela ke Modimo.

13. Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.

14. Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.

15. Empa motho wa moya o ahlola tsohle, mme ha a ahlolwe ke motho.

16. Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste.