5. hore tumelo ya lona e se ke ya thewa bohlaleng ba batho, e mpe e thewe matleng a Modimo.
6. Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;
7. empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;
8. e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.
9. Empa ho dutse jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Taba tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ya motho.
10. Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.
11. Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o leng ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang haese Moya wa Modimo.
12. Haele rona, ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, re tle re tsebe tseo re di filweng feela ke Modimo.
13. Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.
14. Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.
15. Empa motho wa moya o ahlola tsohle, mme ha a ahlolwe ke motho.