BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 2:3-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.

4. Mme polelo tsa ka le thuto ya ka ha e a ka ya eba dipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, ya mpa ya eba ponahatso ya Moya le ya matla;

5. hore tumelo ya lona e se ke ya thewa bohlaleng ba batho, e mpe e thewe matleng a Modimo.

6. Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;

7. empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;

8. e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.