BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 2:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele nna, banabeso, mohla ke fihlang hara lona, ha ke a ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Modimo ka dipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale.

2. Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng hara lona haese Jesu Kreste, le hona e le ya thakgisitsweng.

3. Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.

4. Mme polelo tsa ka le thuto ya ka ha e a ka ya eba dipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, ya mpa ya eba ponahatso ya Moya le ya matla;

5. hore tumelo ya lona e se ke ya thewa bohlaleng ba batho, e mpe e thewe matleng a Modimo.

6. Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;

7. empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele, dilemo di eso ka di eba teng, e be tlotliso ya rona;

8. e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.

9. Empa ho dutse jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Taba tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ya motho.

10. Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.

11. Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o leng ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang haese Moya wa Modimo.