BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 16:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.

10. Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

11. A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.

12. Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.

13. Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.

14. Ditaba tsohle tsa lona di etswe ka lerato.

15. Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.

16. Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.

17. Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.

18. Hobane ba kgatholotse pelo ya ka le tsa lona; hlokomelang batho ba jwalo.

19. Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akila le Prisila, le kereke e ka tlung ya bona, ba le dumedisa haholo Moreneng.

20. Baena bohle ba le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.

21. Tumediso ke ya letsoho la ka, Pauluse.

22. Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).

23. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!