BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 16:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ke tla tla le ka ho lona, ha ke fetile ka Masedonia; hobane ke tla ya ka la Masedonia.

6. Mme ekaba ke tla hlola ditshiu hara lona, mohlomong ke hlole teng mariha a be a fete, le tle le nne le mphelehetse hohle moo ke yang le teng.

7. Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.

8. Empa ke tla dula Efese ho be ho fihle Pentekonta.

9. Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.

10. Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

11. A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.

12. Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.

13. Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.

14. Ditaba tsohle tsa lona di etswe ka lerato.

15. Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.

16. Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.

17. Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.

18. Hobane ba kgatholotse pelo ya ka le tsa lona; hlokomelang batho ba jwalo.