BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 16:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Mme etlare ha ke fihla, ke tla roma ka mangolo bao le ba tshepileng, ba tle ba ise mpho ya lona Jerusalema.

4. Mme ekare ha ho ka tshwanela hore le nna ke ye, ba tla ya le nna.

5. Ke tla tla le ka ho lona, ha ke fetile ka Masedonia; hobane ke tla ya ka la Masedonia.

6. Mme ekaba ke tla hlola ditshiu hara lona, mohlomong ke hlole teng mariha a be a fete, le tle le nne le mphelehetse hohle moo ke yang le teng.

7. Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.

8. Empa ke tla dula Efese ho be ho fihle Pentekonta.

9. Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.

10. Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

11. A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.

12. Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.