BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 16:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.

16. Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.

17. Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.

18. Hobane ba kgatholotse pelo ya ka le tsa lona; hlokomelang batho ba jwalo.

19. Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akila le Prisila, le kereke e ka tlung ya bona, ba le dumedisa haholo Moreneng.

20. Baena bohle ba le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.

21. Tumediso ke ya letsoho la ka, Pauluse.

22. Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).

23. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!

24. Lerato la ka le aparetse lona bohle ho Jesu Kreste. Amen!