BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 15:43-58 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. o jalwa e le ntho e nyatsuwang, o tla tsoha o kganya; o jalwa o fokotse, o tla tsoha o le matla;

44. o jalwa e le mmele wa nama, o tla tsoha e le mmele wa moya. Mmele wa nama o teng, le mmele wa moya o teng.

45. Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.

46. Mme seo e leng sa moya hase sa pele, sa pele ke seo e leng sa nama, mme se latelwa ke seo e leng sa moya.

47. Motho wa pele e ne e le wa lefatshe, o entswe ka mobu, empa motho wa bobedi, e leng Morena, o tswile lehodimong.

48. Mme kamoo wa lefatshe a leng kateng, le ba lefatshe ba jwalo; mme kamoo wa lehodimo a leng kateng, le ba lehodimo ba jwalo.

49. Mme jwalokaha re apere setshwantsho sa wa lefatshe, re tla apara jwalo setshwantsho sa wa lehodimo.

50. Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.

51. Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,

52. hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya morao; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, mme le rona re tla fetoha.

53. Hobane e ka kgona ho bolang hona ho apare ho sa boleng, le ho shwang hona ho apare ho sa shweng.

54. Mme etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shwang hona ho apere ho sa shweng, ke moo polelo e ngodilweng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitswe ke hlolo.

55. Na lefu, tsenene ya hao e kae na? Wena lebitla, ho hlola ha hao ho kae na?

56. Tsenene ya lefu ke sebe, mme matla a sebe ke molao.

57. A re leboheng Modimo o re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste!

58. Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.