BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 15:34-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Hlaphohelwang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ya Modimo; ke le bolella hoo, e be dihlong ho lona.

35. Empa e mong o tla re: Bafu ba tsoha jwang? Ba tla hlaha ka mmele o jwang?

36. Sethoto ke wena! Seo o se jalang se ke ke sa phela, ha se sa shwe pele.

37. Mme ha o jala, ha o jale mmele o tlang ho hlaha, empa o jala hlaku e hlobotseng, mohlomong e le ya koro, leha e le ya dijalo tse ding.

38. Mme Modimo ke wona o e neang mmele kamoo o ratang kateng, mme o nea hlaku e nngwe le e nngwe mmele wa yona.

39. Nama tsohle hase nama e le nngwe; empa nama ya batho ke esele, le nama ya diphoofolo ke esele, le ya dihlapi ke esele, le ya dinonyana ke esele.

40. Mme mmele ya lehodimo e teng, le mmele ya lefatshe e teng; empa kganya ya ya lehodimo ke esele, le ya ya lefatshe ke esele.

41. Khanya ya letsatsi ke esele, le kganya ya kgwedi ke esele, le kganya ya dinaledi ke esele; hobane naledi e ye e be hosele ho naledi e nngwe ka kganya.

42. Ho tla ba jwalo le tsohong ya bafu. Mmele o jallwa ho boleng, o tla tsohela ho se bole;

43. o jalwa e le ntho e nyatsuwang, o tla tsoha o kganya; o jalwa o fokotse, o tla tsoha o le matla;

44. o jalwa e le mmele wa nama, o tla tsoha e le mmele wa moya. Mmele wa nama o teng, le mmele wa moya o teng.

45. Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.

46. Mme seo e leng sa moya hase sa pele, sa pele ke seo e leng sa nama, mme se latelwa ke seo e leng sa moya.

47. Motho wa pele e ne e le wa lefatshe, o entswe ka mobu, empa motho wa bobedi, e leng Morena, o tswile lehodimong.

48. Mme kamoo wa lefatshe a leng kateng, le ba lefatshe ba jwalo; mme kamoo wa lehodimo a leng kateng, le ba lehodimo ba jwalo.

49. Mme jwalokaha re apere setshwantsho sa wa lefatshe, re tla apara jwalo setshwantsho sa wa lehodimo.

50. Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.

51. Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,