BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 15:29-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ha ho se jwalo, ba kolobelletswang bafu ba ya etsa eng? Ha bafu ba fela ba sa tsohe, na ba kolobelletswang bafu?

30. Mme le rona re ipeile dikotsing keng ka dinako tsohle?

31. Ke shwa ka matsatsi wohle; ke omela jwalo ka sebaka sa ho ithorisa seo ke nang le sona ka lona ho Jesu Kreste, Morena wa rona.

32. Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.

33. Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.

34. Hlaphohelwang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ya Modimo; ke le bolella hoo, e be dihlong ho lona.

35. Empa e mong o tla re: Bafu ba tsoha jwang? Ba tla hlaha ka mmele o jwang?

36. Sethoto ke wena! Seo o se jalang se ke ke sa phela, ha se sa shwe pele.

37. Mme ha o jala, ha o jale mmele o tlang ho hlaha, empa o jala hlaku e hlobotseng, mohlomong e le ya koro, leha e le ya dijalo tse ding.

38. Mme Modimo ke wona o e neang mmele kamoo o ratang kateng, mme o nea hlaku e nngwe le e nngwe mmele wa yona.

39. Nama tsohle hase nama e le nngwe; empa nama ya batho ke esele, le nama ya diphoofolo ke esele, le ya dihlapi ke esele, le ya dinonyana ke esele.