BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 15:12-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ekare ha ho rutwa hore Kreste o tsohile bafung, ana ba bang hara lona ba bolela jwang hore tsoho ya bafu e siyo?

13. Hobane ekare ha tsuo ya bafu e le siyo, ekaba Kreste le yena ha a ka a tsoha.

14. Mme ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ya rona ke lefeela, le tumelo ya lona ke lefeela.

15. Hape, re ka fihlelwa re le dipaki tsa leshano tsa Modimo; hobane ekaba re paketse Modimo ka bopaki ba rona, ka ho re o tsositse Kreste, athe ekaba he ha o a ka wa mo tsosa, ha bafu ba fela ba sa tsohe.

16. Hobane ekare ha bafu ba sa tsohe, ekaba Kreste le yena ha a ka a tsoha.

17. Mme ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, tumelo ya lona ke lefeela, mme le sa le dibeng tsa lona.

18. Ha ho le jwalo, ekaba le ba ithobaletseng ho Kreste ba timetse.

19. Ha re tshepile Kreste bophelong bona feela, re fetisa batho bohle ka soto.

20. Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.

21. Hobane lefu ha le hlahile ka motho, tsoho ya bafu le yona e hlahile ka motho.

22. Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle le jwale ba tla boela ba phele ka Kreste.

23. Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.

24. Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a busetsang mmuso ho Modimo Ntate, mme a fedisang borena bohle, le mebuso yohle, le matla wohle.

25. Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.