BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 15:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hape, banabeso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse yona, eo le e amohetseng, eo le tiisetsang ho yona,

2. eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela.

3. Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo Mangolo a bolelang kateng;

4. mme o kile a patwa, a ba a tsoha ka letsatsi la boraro, kamoo Mangolo a bolelang kateng.

5. O kile a bonwa ke Kefase, hamorao ke ba leshome le metso e mmedi.

6. Hamorao a bonwa ka nako e le nngwe ke baena ba fetisang makgolo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, mme ba bang ba se ba shwele.

7. A ntoo bonwa ke Jakobo; ka mohla o mong a bonwa ke baapostola bohle.

8. Mme kamorao ho bohle, a bonwa le ke nna ke leng jwaloka sefolotsana;

9. hobane ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke a lokela ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.

10. Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.

11. Mme leha e le nna, leha e le bona, re ruta jwalo, mme le dumetse jwalo.

12. Ekare ha ho rutwa hore Kreste o tsohile bafung, ana ba bang hara lona ba bolela jwang hore tsoho ya bafu e siyo?

13. Hobane ekare ha tsuo ya bafu e le siyo, ekaba Kreste le yena ha a ka a tsoha.

14. Mme ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ya rona ke lefeela, le tumelo ya lona ke lefeela.