BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 14:37-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.

38. Mme ekare ha e mong a hana ho tseba, a ikganele ho tseba.

39. Ho feleng, banabeso, tjhesehellang ho porofeta, haholo, mme le se ke la thibela ha ho buwa ka dipuo.

40. Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.