BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 14:29-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ho bolele baporofeta ba babedi, leha e le ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.

30. Mme ekare ha e mong wa ba dutseng a newa tshenolo, ya emeng pele a kgutse.

31. Hobane le ka porofeta bohle ka ho latelana, hore bohle ba rutwe, mme bohle ba kgothatswe.

32. Meya ya baporofeta e buswa ke baporofeta.

33. Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.

34. Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.

35. Mme ekare ha taba e le teng eo ba ratang ho e tseba, ba e botse banna ba bona hae; hobane ho hobe ha basadi ba bua kerekeng.

36. Ana lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa ke lona feela ba fihletsweng ke lona na?

37. Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.

38. Mme ekare ha e mong a hana ho tseba, a ikganele ho tseba.

39. Ho feleng, banabeso, tjhesehellang ho porofeta, haholo, mme le se ke la thibela ha ho buwa ka dipuo.

40. Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.