BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 14:23-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ekare ha kereke yohle e phuthehela nqalong e le nngwe, mme bohle ba bua ka dipuo, leha ho ka kena batho ba sa tsebeng, leha e le ba sa dumelang, na ba ke ke ba re, le a hlanya na?

24. Empa ekare ha bohle ba porofeta, leha ho ka kena motho ya sa dumelang, leha e le ya sa tsebeng, eba o kgodiswa ke bohle, mme o ahlolwa ke bohle.

25. Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.

26. Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.

27. Mme ekare ha e mong a bua ka puo, ho etswe jwalo ke ba babedi, boholo e be ba bararo, mme ho etswe ka ho latelana; mme e mong a fetole.

28. Ekare ha mofetodi a le siyo, motho eo a ikgutsetse kerekeng, a ipuele a nnotshi, a bue le Modimo.

29. Ho bolele baporofeta ba babedi, leha e le ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.

30. Mme ekare ha e mong wa ba dutseng a newa tshenolo, ya emeng pele a kgutse.

31. Hobane le ka porofeta bohle ka ho latelana, hore bohle ba rutwe, mme bohle ba kgothatswe.

32. Meya ya baporofeta e buswa ke baporofeta.

33. Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.

34. Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.

35. Mme ekare ha taba e le teng eo ba ratang ho e tseba, ba e botse banna ba bona hae; hobane ho hobe ha basadi ba bua kerekeng.