BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 14:2-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Efela haele ya buang ka puo, ha a bue le batho, o bua le Modimo feela, hobane ha ho ya mo utlwang, mme o bolela disatsejweng ka moya.

3. Empa haele ya porofetang, o beela batho tsa kgahiso, tsa kgothatso, le tsa matshediso.

4. Ya buang ka puo o ikgahisa a nnotshi, empa ya porofetang o hahisa kereke.

5. Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.

6. Mme jwale, banabeso, ha ke be nka tla ho lona ke bua ka dipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lona ka taba ya tshenolo, leha e le ka ya bohlale, leha e le ka ya boporofeta, leha e le ka ya thuto?

7. Ho dutse jwalo le dintho tse sa pheleng tse nang le medumo, leha e ka ba phala, kapa harepa; ha di ka lla molodi o le mong, ho ka tsejwa jwang ha ho letsitswe phala, kapa ha ho letsitswe harepa?

8. Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?

9. Ha ho le jwalo, le lona, ekare ha le sa hlahise puong tsa lona taba e utlwahalang, ana batho ba tla tseba jwang se bolelwang? Ekaba ke ho ipuella sebakeng.

10. Ho thwe, medumo e sa tshwaneng e ntse e atile lefatsheng; empa medumong eo ha ho na o sa utlwahaleng.

11. Mme ekare ha ke sa tsebe hoba puo e reng, nka ba mobarebare ho ya buang, le ya buang e ka ba mobarebare ho nna.

12. Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.

13. Ka baka leo, ke re: Ya buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola.

14. Hobane ekare ha ke rapela ka puo, moya wa ka o a rapela, empa kelello ya ka ha e sebetse letho.

15. Nka etsa jwang na? Ke tla rapela ka moya, mme le hona ke tla rapela ka kelello; ke tla bina ka moya, mme le hona ke tla bina ka kelello.