12. Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.
13. Ka baka leo, ke re: Ya buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola.
14. Hobane ekare ha ke rapela ka puo, moya wa ka o a rapela, empa kelello ya ka ha e sebetse letho.
15. Nka etsa jwang na? Ke tla rapela ka moya, mme le hona ke tla rapela ka kelello; ke tla bina ka moya, mme le hona ke tla bina ka kelello.
16. Ha ho se jwalo, ekare ha o leboha ka moya, ana ya dutseng setulong sa ya sa tsebeng a ka tiisa jwang teboho ya hao ka amen ya hae, haele mona a sa tsebe seo o se bolelang?
17. Efela wena o leboha hantle, empa e mong ha a hahiswe ke hona.
18. Ke boka Modimo wa ka, hobane ke bua ka dipuo ho fetisa lona bohle.
19. Empa kerekeng nka rata ho bolela mantswe a le mahlano feela ka kelello, ke tle ke rute ba bang le bona, ho fetisa mantswe a dikete tse leshome ka puo.
20. Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.
21. Ho ngodilwe molaong, ho thwe: Ke tla bua le setjhaba sena ka batho ba puo esele le ka melomo ya basele; mme le teng ba ke ke ba nkutlwa, ho rialo Morena.
22. Ha ho le jwalo, dipuo ke pontsho, e seng ho badumedi, empa e le ho ba sa dumelang; athe baporofeta ke pontsho, e seng ho ba sa dumelang, empa e le ho badumedi.
23. Ekare ha kereke yohle e phuthehela nqalong e le nngwe, mme bohle ba bua ka dipuo, leha ho ka kena batho ba sa tsebeng, leha e le ba sa dumelang, na ba ke ke ba re, le a hlanya na?
24. Empa ekare ha bohle ba porofeta, leha ho ka kena motho ya sa dumelang, leha e le ya sa tsebeng, eba o kgodiswa ke bohle, mme o ahlolwa ke bohle.
25. Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.
26. Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.
27. Mme ekare ha e mong a bua ka puo, ho etswe jwalo ke ba babedi, boholo e be ba bararo, mme ho etswe ka ho latelana; mme e mong a fetole.
28. Ekare ha mofetodi a le siyo, motho eo a ikgutsetse kerekeng, a ipuele a nnotshi, a bue le Modimo.
29. Ho bolele baporofeta ba babedi, leha e le ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.