BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 14:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Phehellang lerato. Leha ho le jwalo, le tjhesehelle dineo tsa Moya, haholo ya ho porofeta.

2. Efela haele ya buang ka puo, ha a bue le batho, o bua le Modimo feela, hobane ha ho ya mo utlwang, mme o bolela disatsejweng ka moya.

3. Empa haele ya porofetang, o beela batho tsa kgahiso, tsa kgothatso, le tsa matshediso.

4. Ya buang ka puo o ikgahisa a nnotshi, empa ya porofetang o hahisa kereke.

5. Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.

6. Mme jwale, banabeso, ha ke be nka tla ho lona ke bua ka dipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lona ka taba ya tshenolo, leha e le ka ya bohlale, leha e le ka ya boporofeta, leha e le ka ya thuto?