BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 13:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.

8. Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe haele boporofeta, bo tla fela; leha e le dipuo, di tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela.

9. Hobane re tseba ka nqa e le nngwe, mme re porofeta ka nqa e le nngwe feela.

10. Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nqa e le nngwe feela se tla fediswa.

11. Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke ne ke hopola jwaloka ngwana, ke ne ke lekanya jwaloka ngwana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongwana.

12. Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.

13. Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.