BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 13:5-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.

6. Ha le thabele bokgopo, le mpa le thabela nnete.

7. Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.

8. Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe haele boporofeta, bo tla fela; leha e le dipuo, di tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela.

9. Hobane re tseba ka nqa e le nngwe, mme re porofeta ka nqa e le nngwe feela.

10. Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nqa e le nngwe feela se tla fediswa.