BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 11:4-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Monna e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a rwetse hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae.

5. Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.

6. Hobane ekare ha mosadi a sa rwale hloohong, a hle a kutwe; mme jwale, haele ntho e dihlong ha mosadi a ka kutwa, kapa a beolwa, a rwale hloohong ke hona.