BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 11:21-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Hobane ha ho jewa, e mong le e mong o inkela selallo sa hae pele; mme jwale e mong a lape, athe e mong yena a tahwe.

22. Ana ha le na matlo a ho jela le ho nwela teng na? Kapa a le nyedisa kereke ya Modimo, mme le swabisa ba se nang letho na? Ke tla reng ho lona? A ke tla le boka na? Tjhe, ho tseo ha ke le boke.

23. Hobane nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu, ka bosiu boo a ekilweng ka bona, o ne a nke bohobe;

24. mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.

25. Ka mokgwa o jwalo, a nka senwelo, hobane ho lallwe, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka; etsang hoo, kamehla yohle ha le enwa, le tle le nkgopole ka hona.

26. Efela kamehla yohle, ha le eja bohobe boo, mme le nwela senwelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.

27. Ka baka leo, mang le mang ya jang bohobe boo, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa tshwanelang, o tla ba le molato wa mmele le wa madi a Morena.

28. Motho ka mong a ke a itekole ke hona, mme jwale e be hona a jang bohobe bona, a nwelang senwelong sena.

29. Hobane ya jang, le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, o inwella tsuo, hobane a sa lemohe mmele wa Morena.

30. Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang, le ba kulang hara lona; mme ba bangata ba se ba bile ba shwele.

31. Hobane hoja re a ikahlola, ke moo re ka beng re sa ahlolwe.

32. Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.

33. Ha ho le jwalo, banabeso, ha le phuthehela ho ja, le ke le letane.

34. Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo.Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.