BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 11:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ka baka leo, mosadi o tshwanetse ho ba le pontsho ya ho buswa, hloohong, ka baka la mangeloi.

11. Leha ho le jwalo, monna ha a yo kantle ho mosadi, le mosadi ha a yo kantle ho monna, Moreneng.

12. Hobane jwalokaha mosadi a nkilwe monneng, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.

13. Le ke le ahlole e le lona hore na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala hloohong?

14. Ha ke re, le tsona dipelo tsa lona di a le ruta hoba monna ha a hodisa moriri wa hae, ke ntho e dihlong ho yena?

15. Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.

16. Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.

17. Jwale seo ke se bolelang, ke mpang ke sa le boke, ke hoba ha le phutheha, hase ho eketsa molemo, empa e le bobe.

18. Hobane taba ya ho qala, ke hore, ha le phuthehela kerekeng, ke utlwa hoba diphaphang di teng ho lona; mme ka nqa e nngwe ke kgolwa hoba ho jwalo,

19. hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.

20. Hape, ka mokgatlo wa lona hammoho, hase ho ja selallo sa Morena.