BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 11:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Le be baetsisi ba ka, jwalokaha le nna ke le wa Kreste.

2. Ke a le boka, banabeso, kahobane le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka dithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.

3. Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.

4. Monna e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a rwetse hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae.

5. Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.

6. Hobane ekare ha mosadi a sa rwale hloohong, a hle a kutwe; mme jwale, haele ntho e dihlong ha mosadi a ka kutwa, kapa a beolwa, a rwale hloohong ke hona.

7. Haele monna, yena ha a tshwanela ho rwala hloohong, hobane ke setshwantsho le kganya ya Modimo; athe mosadi ke kganya ya monna.

8. Hobane monna ha a ka a nkwa mosading, empa ke mosadi ya nkileng monneng.

9. Hape, monna ha a ka a bopelwa mosadi, ke mosadi ya bopetsweng monna.

10. Ka baka leo, mosadi o tshwanetse ho ba le pontsho ya ho buswa, hloohong, ka baka la mangeloi.

11. Leha ho le jwalo, monna ha a yo kantle ho mosadi, le mosadi ha a yo kantle ho monna, Moreneng.

12. Hobane jwalokaha mosadi a nkilwe monneng, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.

13. Le ke le ahlole e le lona hore na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala hloohong?

14. Ha ke re, le tsona dipelo tsa lona di a le ruta hoba monna ha a hodisa moriri wa hae, ke ntho e dihlong ho yena?

15. Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.

16. Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.

17. Jwale seo ke se bolelang, ke mpang ke sa le boke, ke hoba ha le phutheha, hase ho eketsa molemo, empa e le bobe.

18. Hobane taba ya ho qala, ke hore, ha le phuthehela kerekeng, ke utlwa hoba diphaphang di teng ho lona; mme ka nqa e nngwe ke kgolwa hoba ho jwalo,