BIBELE e Halalelang

Haggai 2:6-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.

7. Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.

8. Silefera ke ya ka, le kgauta ke ya ka, ho bolela Jehova wa makgotla.

9. Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.

10. Ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la eba teng ka moporofeta Haggai, la re: