BIBELE e Halalelang

Haggai 2:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona?

4. Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;

5. lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng!

6. Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.

7. Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.

8. Silefera ke ya ka, le kgauta ke ya ka, ho bolela Jehova wa makgotla.

9. Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.