BIBELE e Halalelang

Haggai 2:19-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Na peo e sa le teng modikong? Esita morara, le feiye, le garanata, le mohlwaare, ha di a ka tsa beha ... Empa ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.

20. Lentswe la Jehova la tlela Haggai la bobedi, ka tsatsi leo la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, la re:

21. Bolella Sorobabele, mmusisi wa Juda, o re: Ke ya thothometsa lehodimo le lefatshe, ke tla rapalatsa diterone tsa mebuso,

22. Ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.

23. Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla o nka, wena Sorobabele, mora Salathiele, mohlanka wa ka, ho bolela Jehova, mme ke tla o etsa o be jwaloka lesale la ho tshwaya, hobane ke o kgethile, ho bolela Jehova wa makgotla.