BIBELE e Halalelang

Haggai 2:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka kgwedi ya bosupa, ka la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, lentswe la Jehova la eba teng ka moporofeta Haggai, la re:

2. Bua hle le Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala a setjhaba, o re:

3. Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona?

4. Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;

5. lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng!

6. Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.