BIBELE e Halalelang

Haggai 1:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Hlwellang thabeng, le tlise difate, le hahe ntlo, mme ke tla e thabela, ke be ke itlotlise, ho bolela Jehova.

9. Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.

10. Ke ka baka leo, lehodimo le hanneng le phoka hodima lona, mme lefatshe le hanneng le ho beha ha lona,

11. mme ke bitsitse komello ho aparela lefatshe le dithaba le koro le veine le ole le tsohle tse bewang ke naha, le batho le diphoofolo le mosebetsi wohle wa matsoho.

12. Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala wohle a setjhaba, ba utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa bona, ka dipolelo tsa moporofeta Haggai, kamoo a neng a romilwe ke Jehova kateng, Modimo wa bona; mme setjhaba sa tshaba Jehova.

13. Haggai, lenqosa la Jehova, a bua le setjhaba ka taelo ya Jehova, a re: Ke na le lona, ho bolela Jehova.

14. Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,

15. e le ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse.